Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka nako e beilweng, o tla boela a futuhele morena wa Borwa, mme taba tsa qetello di ke ke tsa tshwana le tsa ho qala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 “Ha nako e badilweng e fihla, kgosi ena ya Siria e tla futuhela Egepeta hape, empa lekgetlong lena la bobedi ho ke ke ha tshwana le lekgetlong la pele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:29
9 Referencias Cruzadas  

Wena monyako, bobola; wena, motse, o bokolle; wena lefatshe lohle la Filesta, o tsielehe; hobane ho ya tla mosi o tswang leboya; ha ho ya kgathalang makgotleng a dira.


Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.


Hobane a ke ke a re letho ka selekane; o tla sebetsa ka mano, o tla futuha, a hlole ka batho ba se bakae.


Mme o tla ipha matla, a tiye pelo ho futuhela morena wa Borwa ka makgotla a mangata, mme morena wa Borwa o tla futuha ka makgotla a maholo a fetisang ka matla, empa a ke ke a tiya, hobane ba tla loha mano ho mo senya.


Mme o tla kgutlela naheng ya hae ka maruo a maholo; pelo ya hae e tla hloya selekane se halalelang, mme o tla se lwantsha, a be a kgutlele naheng ya hae.


Hobane dikepe tsa Kittime di tla tla ho mo lwantsha, mme o tla fellwa ke pelo, a kgutlele morao. O tla halefela selekane se halalelang, o tla se lwantsha, a boele a kopanye puo le ba kwenehetseng selekane se halalelang.


Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.


O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;


empa o sa le pusong ya balebedi le ya badisa, ho be ho fihle nako e beilweng ke ntatae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos