Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Haele marena ao a mabedi, ha a ka ke a hopola letho pelong tsa wona haese ho senyetsana; tafoleng e le nngwe ba tla buisana ka leshano. Empa hoo ho ke ke ha tiya, etswe bofelo bo beetswe nako esele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Dikgosi tsena tse pedi di tla jela tafoleng e le nngwe, empa dipelo tsa tsona di tletse bokgopo, di bolellana mashano. Di ke ke tsa fumana seo di se batlang, hobane nako e badilweng ha e eso fihle.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:27
24 Referencias Cruzadas  

Absalome a re: Ha o sa tle, ngwaneso Amnone a ke a tle le rona. Morena a re ho yena: A eleng le wena?


Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.


Tjhe, le etsa ho sa lokang dipelong tsa lona, mme tokiso ya lona lefatsheng ke ho tsohela batho matla feela.


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.


Ba rerang bobe, lonya le ka pelong tsa bona; empa ba rerang kgotso ke bona ba thabelang batho.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Melomo e tukang le pelo e mpe, di jwaloka lelwapi la silefera le manehilweng hodima pitsa ya letsopa.


Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.


Ka selemo sa boraro sa Siruse, morena wa Persia, lentswe la senolelwa Daniele, ya reilweng lebitso la Beltsatsare; lentswe leo ke nnete, le bolela tsietsi e kgolo; a ela tshenolo eo hloko, a utlwisisa pono.


Mme o tla kgutlela naheng ya hae ka maruo a maholo; pelo ya hae e tla hloya selekane se halalelang, mme o tla se lwantsha, a be a kgutlele naheng ya hae.


Ka nako e beilweng, o tla boela a futuhele morena wa Borwa, mme taba tsa qetello di ke ke tsa tshwana le tsa ho qala.


Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Yaba o re ho nna: Bona, ke tla o bontsha se tla etsahala qetellong ya kgalefo, hobane bofello bo tla etsahala ka nako e beilweng.


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.


Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.


Haele tsa mehla le tsa dinako, banabeso, ha le tshwanele ho di ngollwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos