Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Pele ke ne ke phela, ke se na molao; empa eitse ha molao o fihla, sebe sa tsoha, mme nna ka shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Hobane nkile ka phela kantle ho molao;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Hobane nkile ka phela kantle ho molao;

Ver Capítulo Copiar




Baroma 7:9
22 Referencias Cruzadas  

Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.


Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang?


Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.


A re: Ntho tseo kaofela ke di bolokile haesale bonyenyaneng ba ka.


Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tswang molaong ka ho re: Motho ya etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona.


Ha fihlelwa jwalo hobane taelo e beilweng ho mphedisa, ke yona e mpolaileng.


Hobane sebe, ka ho nka sebaka taelong, sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.


Le lona, banabeso, le shwele ka nqa ya molao ka mmele wa Kreste, le tle le nyalwe ke e mong, e leng ya tsohileng bafung, re tle re behele Modimo ditholwana.


Empa jwale, re holotswe molaong, ha re shwele ka nqeng ya molao oo re neng re bofilwe ke wona, re tle re sebeletse Modimo botjheng ba moya, e seng ka letere e tsofetseng.


Empa sebe se nkile sebaka taelong, mme se hlahisitse ditakatso tsohle ka ho nna; hobane molao ha o le siyo, sebe se shwele.


Kahobane thato ya nama ke bora ho Modimo; hobane ha e ipee tlasa molao wa Modimo, le ho sitwa e a sitwa.


Athe nna ka molao ke shwele ka nqeng ya molao, ke tle ke phelele Modimo.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos