Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baroma 13:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka baka leo, ya hanang ho borena, o hana molao wa Modimo, mme ba hanang ba ikgulela tsuo hodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka hona ya hanyetsang borena, o hanyetsa se beilweng ke Modimo, mme ba se hanyetsang ba tla ahlolwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ka baka leo, ya hanyetsang mmuso o hanana le molao wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka baka leo, ya hanyetsang mmuso o hanana le molao wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Baroma 13:2
14 Referencias Cruzadas  

Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.


Ba mpatla ka matsatsi wohle, ba lakatsa ho tseba ditsela tsa ka, jwaloka hoja e le setjhaba se yang ka ho loka, se sa kang sa tlohela molao wa Modimo wa sona; ba kopa ho nna dikahlolo tsa ho loka; ba lakatsa ho hlaha ha Modimo.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.


ba metsang matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Ba metsa matlo a basadi ba bahlolohadi ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele. Ba tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Motho ka mong a ikokobetse katlasa borena, hobane ha ho borena bo sa tsweng ho Modimo; marena a leng teng a beilwe ke Modimo.


Hobane ba busang ha ba tshabehe ho ba etsang hantle, empa ba tshabeha ho ba etsang hampe. Na o rata hoba o se ke wa tshaba borena na? Etsa hantle, mme o tla bokwa ke hona.


Ke hona le tshwanetseng ho ipea katlasa borena, e seng ka baka la ho tshaba kotlo feela, empa e be le ka baka la letswalo.


Jwale, o tla re ho nna: Na o sa nyatsetsang? Na ke mang ya ka hanang ho rata ha wona?


O ba hopotse ho utlwa dihlooho le marena, ho ya ka melao, ho lokela mesebetsi yohle e metle;


Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.


Ka baka la Morena, le ke le utlwe borena bofe le bofe ba batho, leha e le morena, kahobane e le yena e moholo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos