Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Batho bao kaofela ba ile ba shwela tumelong, ba eso amohele tseo ba neng ba di tshepisitswe, empa ba di bonetse hole feela, ba di thabetse, mme ba ipoletse hore ke baeti le bajaki lefatsheng lena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Bao bohle ba shwetse tumelong, ba eso ka ba amohela dipallo, empa ba di bone di sa le hole, ba di kgodisitse, mme ba ipoletse hore ke bajaki le bajaki lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Bao bohle ba shwetse tumelong, ba eso ka ba amohela dipallo, empa ba di bone di sa le hole, ba di kgodisitse, mme ba ipoletse hore ke bajaki le bajaki lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:13
36 Referencias Cruzadas  

Abrahama a hlola matsatsi a mangata naheng ya Bafilesta.


Ke moditjhaba le mojaki hara lona; nneeng setsha sa mabitla hara lona, e be sa ka, ke tle ke pate mofu wa ka teng, a tloswe pela ka.


Abrahama a neela moya, a shwa botsofading bo botle, a hodile ho kgodisang; mme a orohela setjhabeng sa habo.


Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Jehova, ke lebeletse topollo ya hao!


Ke yona ena meloko kaofela ya Iseraele, e leshome le metso e mmedi, mme ke tsona ditaba tseo ntata bona a di buileng ho bona, a ba hlohonolofatsa, a hlohonolofatsa e mong le e mong ka hlohonolofatso ya hae.


Eitse ha Jakobo a qetile ho laela bara ba hae, a busetsa maoto a hae diphateng, a neela moya, a orohela setjhabeng sa habo.


Josefa a re ho banababo: Ke se ke ya shwa, mme Modimo o tla le etela ruri, a le ntshe naheng ena, a le ise naheng eo a hlapanyeditseng Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla ba nea yona.


Empa ke a tseba hobane Molopolli wa ka o a phela, le hobane qetellong o tla ema lefatsheng.


Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao.


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


A tswala mora, a mo rea lebitso la Gershome, a re: Ke mojaki naheng ya ditjhaba.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


A mo arapa, a re: Nke ke ka ya, empa ke tla kgutlela lefatsheng la heso, le ho banabeso.


Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere;


Kannete ke re ho lona: Baporofeta ba bangata le ba lokileng ba bangata ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, mme ha ba ka ba di bona, le ho utlwa tseo le di utlwang, mme ha ba ka ba di utlwa.


Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.


Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba.


a kgolwa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.


Hobane re bolokehile ka tebello; athe se lebeletsweng ha se se se bonwe, ha e sa le tebello; hobane seo motho a se bonang, a ka se lebella jwang?


ha re fela re sa tadime tse bonahalang, re mpa re tadima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela: empa tse sa bonahaleng ha di ka ke tsa eba le bofelo.


Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.


Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo,


Ba buang jwalo ba bonahala hoba ba batla moo e tla ba ha habo.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a lekwang, a hlahisa Isaaka; ya neng a neilwe dipallo, o hlahisitse mora ya mong ho yena;


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Bao bohle, ba emetsweng ka baka la tumelo ya bona, ha ba ka ba newa seo ba se baletsweng;


Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


Ke kahoo re tsebang hobane re ba nnete, mme re ka tshepisang dipelo tsa rona pela wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos