Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Etswe re tseba ya itseng: “Phetetso ke ya ka, ke nna ya tla lefeletsa.” Hape o itse: “Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Hobane re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke nna ke tla buseletsa, ho rialo Morena. Hape, Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Hobane re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke nna ke tla buseletsa, ho rialo Morena. Hape, Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:30
18 Referencias Cruzadas  

Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko.


O bitsa mahodimo a hodimo le lefatshe, hore di tle kahlolong ya setjhaba sa wona, o re:


Modimo wa diphetetso, Jehova, Modimo wa diphetetso, hlaha ka kganya.


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


ho bolela ngwaha wa mehauhelo ya Jehova, le letsatsi la diphetetso tsa Modimo wa rona; ho tshedisa ba llang kaofela,


Hobane letsatsi la tefetso le teng pelong ya ka, ngwaha wa balopollwa ba ka o se o tlile.


Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.


Ha ho le jwalo, oho lona dinku tsa ka, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla etsa kahlolo mahareng a nku le nku e nngwe, le mahareng a kgatala le pheleu.


O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Hobane morena ke mohlanka wa Modimo ho o isa botleng. Empa ekare ha o etsa hampe, tshaba; hobane morena ha a tshwara sabole feela; hobane ke mohlanka wa Modimo, le mophetetsi ya beilweng ho otla ya etsang bobe.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.


Ha ho le jwalo, monghadi, ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, efela ke Jehova ya o thibetseng, hore o se tle ho tsholla madi, le ho iphetetsa ka letsoho la hao. Dira tsa hao, le ba batlelang monga ka bobe, ba be jwaloka Nabale.


Davida a eketsa, a re: Ka Jehova ya utlwang, ke yena Jehova ya tla mmolaya; kapa ho tla tjhaba tsatsi la hae la ho shwa, kapa o tla ya ntweng, a timele teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos