Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 10:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka baka leo, banabeso, erekaha re neilwe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tshabo, ka madi a Jesu,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Bana beso, re na le tshepo e tiileng ya ho kena ka Sehalalelong ka madi a Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Bana beso, kaha re na le sebete sa ho kena Sehalalelong ka madi a Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Bana beso, kaha re na le sebete sa ho kena Sehalalelong ka madi a Jesu.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:19
20 Referencias Cruzadas  

e leng yena eo hape re boneng ka yena, ka tumelo, katamelo mohaung ona, oo re emeng ho wona, mme re ithorisetsa tshepong ya kganya ya Modimo.


Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


eo re dumeletsweng ka yena ho atamela ho Modimo ka tshepo, ka tumelo eo re nang le yona ho yena.


Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.


Efela moo teselo ya dibe e leng teng, ha ho sa batlwa sehlabelo ka baka la dibe.


Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.


Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Moo lerato le phethehang ho rona, re tle re be le tshepo e tiileng ka letsatsi la kahlolo, ke ha seo a leng sona le rona re eba sona lefatsheng lena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos