Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le be jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona; ke a le rapela hle, banabeso. Ha le a ka la nketsa hampe ka letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Bana beso, ke a le rapela: Ebang jwaloka nna, hobane le nna ke jwaloka lona. Ha le a ntshitelwa ka letho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Bana beso, ke a le rapela, le be jwaloka nna; gonne ke ntse jaaka lona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Bana beso, ke a le rapela, le be jwaloka nna; gonne ke ntse jaaka lona;

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 4:12
13 Referencias Cruzadas  

Feela moo re ka le dumellang, ke ha le eba jwaloka rona, mme e mong le e mong e motona ho lona, a bolotswe;


A ba a re ho Josafate: Na o tla ya le nna ho lwantsha Ramothe-Gileade na? Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka dipere tsa hao.


Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.


Ha e mong a hlahisitse maswabi, ha a swabisa nna, empa ka nqa tse ding o swabisitse le lona bohle; ke rialo, ke tle ke se ke ka le imetsa.


Helang! lona Bakorinthe, molomo wa rona o le ahlametse, pelo tsa rona di le ahlametse.


Re etsetseng moputso, ahlamang le lona; ke rialo ke ho le etsa bana ba ka.


Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?


Ke tshohile ka baka la lona, esere mohlomong ke sebeditse lefeela ho lona.


Le a tseba hoba, mohla ke qalang ho le bolella Evangeli, e ne e le ka baka la phokolo ya nama.


Haele nna, ho ithorisa ho be hole le nna, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka yena lefatshe le thakisitsweng ka nqeng ya ka, le nna ke thakigisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Banabeso, mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le moya wa lona. Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos