Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Mme Lengolo le bone e sa le pele hore Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, la bolella Abrahama Evangeli pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka wena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme Lengolo le bone e sa le pele hore Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, la bolella Abrahama Evangeli pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa ka wena.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 3:8
25 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.


athe Abrahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho yena?


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,


Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.


Leha e mong a ka sala ho ba leshome ho bona, le yena o tla be a jewe; empa jwalokaha difate tsa terebinthe le tsa eike, ereha di remilwe, ho sala kutu e tla hlomela, ka mokgwa o jwalo, kutu ya setjhaba sena e tla hlomela lesika le halalelang.


Ke tla ntsha leloko ho Jakobo, le mojalefa wa dithaba tsa ka ho Juda, bakgethwa ba ka ba tla di rua, bahlanka ba ka ba ikahele ho tsona.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Hape, lengolo le leng le re: Ba tla bona eo ba mo hlabileng.


Ya dumelang ho nna, dinoka tsa metsi a kollang di tla kolla mpeng ya hae, jwalokaha Lengolo le boletse.


Na lengolo ha le bolele hobane Kreste o tla tswa lelokong la Davida, le motseng wa Bethlehema, moo Davida a neng a le teng na?


ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.


Hobane Lengolo le itse ho Faro: Seo ke o hlahisitseng ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng lohle.


Jwale, re tla reng? Re tla re: Baditjhaba ba neng ba sa batle ho loka, ba fumane ho loka, e leng ho loka ho tswang tumelong;


Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Empa Lengolo le reng? Le re: Lelekisa ya rekilweng le mora wa hae; hobane mora wa ya rekilweng e ke ke ya eba mojalefa hammoho le mora wa ya sa rekwang.


Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos