Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 hobane ya sebeditseng ka ho Petrose ho mo etsa moapostola wa ba lebollo, o sebeditse le ka ho nna ka baka la baditjhaba — ke re, ba lekanngwang hoba ke ditshiya,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 hobane matla a Modimo a entseng hore Petrose e be moapostola wa Bajuda, le nna a entse hore ke be moapostola wa baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 2:8
23 Referencias Cruzadas  

hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.


Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.


Leha ho le jwalo, ba bangata ho ba utlwileng lentswe ba dumela; ha ba balwa, ya batla e eba banna ba kete tse hlano.


Yaba ba ba bea matsoho, mme ba newa Moya o Halalelang.


Empa Morena a re ho yena: Eya, hobane eo ke lefiso leo ke ikgethetseng lona, ho isa lebitso la ka ho baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele;


Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona; mme mohau wa wona ho nna ha o a ka wa eba lefeela; empa, ke ba fetisitse bohle hole ka ho sebetsa; empa e seng nna, e leng mohau wa Modimo o ho nna.


E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.


Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?


Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke lwana ka tshebetso ya hae e sebetsang ka ho nna ka matla.


Ka baka leo, le rona ha re phetse ho leboha Modimo kahobane, mohla le amohetseng lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, le le amohetse e seng jwaloka hoja e le lentswe la batho, empa la kgolwa hore ke lentswe la Modimo, jwalokaha e le lona ka sebele, le sebetsang ka ho lona ba dumetseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos