Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Bagalata 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jwalokaha re se re le boleletse pele, le jwale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neelwe anathema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Jwalokaha re se re ile ra rialo pele, le jwale ke sa boela ke rialo: Ha e mong a le bolella molaetsa o fapaneng le oo le o amohetseng, a ke a rohakehe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Jwalokaha re boletse pele, le jwale ke sa boela ke re: Ekare ha motho a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a be anathema.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Jwalokaha re boletse pele, le jwale ke sa boela ke re: Ekare ha motho a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a be anathema.

Ver Capítulo Copiar




Bagalata 1:9
13 Referencias Cruzadas  

O se ke wa eketsa tseo o di buileng, esere mohlomong wa o kgalemela, mme wa fumanwa o le leshano.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.


Jwale, banabeso, ke a le kgothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang dikgaohano le dikgopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng yona, mme le ba sesefe.


Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;


Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?


Iponeleng, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona. O se ke wa di eketsa ka letho, mme o se ke wa tlosa letho ho tsona.


Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.


Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos