Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova a boela a re ho Gideone: Setjhaba se sa le seholo; se theosetse metsing, ke tle ke o kgethele teng ba tla ya le wena. Eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a ye le wena, o tla ya le wena; mme e mong le e mong eo ke tla o bolella yena, ke re: Enwa a se ke a ya le wena, ha a na ho ya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Yaba Morena o re ho Gideone: “Setjhaba se sa le sengata. Se theolele metsing, mme ke tla o kgethela sona hona moo. Eo ke tla re ho wena: ‘Enwa o tla ya le wena,’ o tla ya le wena, mme ofe kapa ofe eo ke tla re ho wena: ‘Enwa a ke ke a ya le wena,’ eo a ke ke a ya.”

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 7:4
10 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Ha ho morena ya ka hlolang ka bongata ba makgotla a hae, ha ho mohale ya ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.


Hobane wena, Modimo, o re lekile, wa re tshekisa ka mollo jwalokaha ho tshekiswa silefera,


Lonya la bakgopo ha le ke le fele, o tiise ya lokileng, wena ya lekolang dipelo le matheka, Modimo o lokileng!


Yaba Gideone o theosetsa setjhaba metsing, mme Jehova a re ho Gideone: E mong le e mong ya tla qapha metsi ka leleme, jwalokaha ho qapha ntja, o mo kgethe; o kgethe le bohle ba tla kgumama ka mangole ho nwa.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos