Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Utlwang, lona marena! le sekehe ditsebe, lona dikgosana! Ke nna, ke nna ke tla binela Jehova; ke tla binela Jehova, Modimo wa Iseraele!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 “Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 5:3
18 Referencias Cruzadas  

Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.


Bonang, nna ke tiisa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona tse le hlahlamang,


Hape, Elia a re ho setjhaba: Ke setse ke nnotshi ho baporofeta ba Jehova, athe baporofeta ba Baale ke batho ba makgolo a mane a mashome a mahlano.


A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo; hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo; ke bile ke setse ke nnotshi; mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.


A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo, hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo, ke bile ke setse ke nnotshi, mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.


Mme nna ke le morena Artakserksese, ke laela lona bohle ba mose wane ho noka, ba bolokang matlotlo a ka, hore le phakise le etse kahohle kamoo Esdrase, moprista le mongodi ya masene molaong wa Modimo wa mahodimo o tla kopa kateng,


Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.


Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!


Mme jwale, hlooho ya ka e tla okamela dira tse ntikileng, ke tla hlahisa mahlabelo a thabo tenteng ya hae, ke roke, ke rorise Jehova.


Ebe moo ke rorisang lebitso la hao kamehla, ke ntse ke phetha dikano tsa ka ka matsatsi wohle.


Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


Lona mahodimo, sekehang ditsebe, mme ke tla bua; le wena lefatshe, mamela mantswe a molomo wa ka.


Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova: Rorisang Modimo wa rona!


Balaodi ba ne ba hlokeha, ba ne ba hlokeha Iseraeleng, ho fihlela ho ba ho ema nna, ke le Debora, ke ema eka ke le mma Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos