Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke tsena ditjhaba tseo Jehova a kileng a di siya, ho leka ka tsona Baiseraele, e leng bohle ba sa kang ba bona dintwa tsohle tsa Kanana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 3:1
20 Referencias Cruzadas  

e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


Empa mohla ho fihlang manqosa a romilweng ke marena a Babilona ho tla mmotsa mohlolo o etsahetseng lefatsheng la Iseraele, Modimo wa mo furalla, hore o mo leke, hore o tsebe tsohle tse ka pelong ya hae.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Yaba o howeletsa ho Jehova, mme Jehova a mmontsha sefate; a se akgela metsing; yaba metsi a ba monate. A ba beela molao le taelo teng; a ba leka teng,


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Ke o beile jwaloka tora le qhobosheane hara setjhaba sa ka, hore o tsebisise, mme o leke metsamao ya bona.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela,


Jehova, Modimo wa hao, o tla falatsa ditjhaba tseo pela hao butle; o ke ke wa di qeta kaofela hang, esere mohlomong dibatana tsa naha tsa o atela haholo;


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Eitse hobane Joshua a timele, bana ba Iseraele ba botsa Jehova, ba re: Ke mang ho rona ya tla simolla ho futuhela Bakanana le ho ba lwantsha?


Le wona moloko oo wa orohela ho bontata wona, ha ba ha hlaha moloko o mong o neng o sa tsebe Jehova, leha e le mesebetsi eo a neng a e etseditse Iseraele.


Kahoo, Jehova a siya ditjhaba tsena, a se ke a phakisa a di leleka, hape a se ke a di neela matsohong a Joshua.


Ya eba hore masika a bana ba Iseraele a tsebe, mme a ithute ntwa, e leng ao a sa kang a tseba ntwa tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos