Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Kahoo, ba rea nqalo eo lebitso la Bokime (balli), mme ba hlabela Jehova teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Sebaka seo ba se rea lebitso la Bokime, ba etsetsa Morena mahlabelo hona moo.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 2:5
8 Referencias Cruzadas  

Debora, mofepi wa Rebeka, a shwa, mme a patwa katlase ho Bethele, tlasa sefate sa eike, mme a se rea lebitso la Allone-Bakuthe (eike ya dillo).


Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.


Yaba Manowa o nka potsanyane le nyehelo, a di beela Jehova lefikeng. Lengeloi la etsa ho makatsang, Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba tadimile.


Yaba lengeloi la Jehova le tloha Gilgale, la nyolohela Bokime, la re: Ke ne ke itse, ke tla le nyolla Egepeta, ke tle ke le tlise lefatsheng leo ke anneng hore ke tla le nea bontata lona; mme ke ne ke itse: Ha nka ke ka roba selekane sa ka seo ke se entseng le lona le ka mohla o le mong.


Lengeloi la Jehova la re le sa bolella bana bohle ba Iseraele taba tseo, setjhaba sa bokolla, sa lla.


Haele Joshua, o ne a kgutlisitse setjaba, mme bana ba Iseraele ba ne ba ile e mong le e mong lefeng la hae, ho rua lefatshe.


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


Yaba Samuele o nka konyana e anyang, a e hlabela Jehova ka mokgwa wa setjheso se tjheswang kaofela. Samuele a ntoo howeletsa ho Jehova bakeng sa Iseraele, mme Jehova a mo utlwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos