Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Timothea 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe lena, mme o iketse Thesalonika; Keresekese o ile Galatia; Tite o ile Dalamatia.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 4:10
32 Referencias Cruzadas  

Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale. Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong hara lona, ya sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitwa ho ba morutuwa wa ka.


Ha ho mohlanka ya ka sebeletsang marena a mabedi; hobane a ka hloya e mong, a rata e mong; mohlomong a ka kgomarela e mong, a nyedisa e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Elellwang mosadi wa Lota.


Pauluse le ba nang le yena, eitse hobane ba tlohe Pafose, ba fihla Perge, motse wa Pamfilia. Empa Johanne a kgaohana le bona, a kgutlela Jerusalema.


Empa Pauluse o ne a lekanya hore ha ho a tshwaneleha hore ba nke le bona motho ya neng a ba tlohetse ba sa le Pamfilia, ya neng a sa ka a ya le bona mosebetsing wa bona.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Eitse hobane ba fete ka Amfipolise le Apolonia, ba tla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.


Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.


ha ke a ka ka iketla moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso; ka mpa ka ba dumedisa, ka ntoo ikela Masedonia.


Empa Modimo o tshedisang ba kokobetseng, o re tshedisitse ka ho fihla ha Tite.


A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.


Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.


Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.


ke ena le baena bohle ba ho nna ke ngolla dikereke tsa Galatia;


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


O a tseba hobane bohle ba Asia ba mphuraletse; hara bona ho na le Figele le Hermogene.


Mohla ke ikarabelang ka la pele, kgotla, ha ho a ka ha eba motho ya nkemelang; empa ba ne ba ntahle bohle; Modimo o se ke wa ba bea molato wa hoo.


ke ngolla wena Tite, ngwanaka wa sebele tumelong eo re nang le yona hammoho le wena, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena Jesu Kreste, Mmoloki wa rona.


o na le Mareka, le Aristarke, le Demase, le Luka, basebedisi ba ka.


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos