Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Timothea 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lentswe lena ke la nnete, le reng: “Haeba re shwele le yena, re tla phela le yena;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Ke lentswe le tshepahalang: Hobane ha re shwele le yena, re tla phela le yena;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ke lentswe le tshepahalang: Hobane ha re shwele le yena, re tla phela le yena;

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 2:11
12 Referencias Cruzadas  

Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.


Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae,


Mme jwale, ha re shwele le Kreste, re a dumela le hona hobane re tla phela le yena,


Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.


re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.


Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.


ya re shwetseng, hore, leha re fadimeha, leha re robetse, re phelele mahong le yena.


Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.


Taba ena ke ya nnete: Motho ha a rata bolebedi, o lakatsa mosebetsi o motle.


Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos