Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 24:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ho le jwalo, Jehova a nehela Iseraele lefu la sewa, ho qala ka nako ya hosasa, ho fihla nakong e beilweng, le ho tloha Dane, ho isa Beerseba. Ha eshwa batho ba mashome a supileng a dikete hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 24:15
11 Referencias Cruzadas  

Morena a laela Joabe, molaodi wa makgotla, eo a nang le yena, a re: Eya le meloko yohle ya Iseraele, ho qala ka Dane, le ho ya fihla Beerseba, o bale setjhaba, ke tle ke tsebe bongata ba setjhaba.


Jehova a romela lefu le leng la sewa Iseraeleng, mme ha eshwa batho ba dikete tse mashome a supileng ba Iseraele.


Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.


Molaodi wa hlopha sa kgwedi ya bobedi, e ne e le Dodai, Moakoke; Miklothe e ne e le motsamaisi wa hlopha sa hae; mme o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene sehlopheng sa hae.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Jehova, ke utlwile taba tsa hao, ke bile ke tshohile! Jehova, mosebetsi wa hao o ke o o hlahise mahareng a dilemo; mahareng a dilemo o o bonahatse! Kgalefong, o hopole ho hauhela!


Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletswe ke nqalo ya bafu; a fuwa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe ho bolaya batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa naha.


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos