Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, ba Joabe ba fihla, ba thibella Sheba Abele-Bethe-Maaka; ba emisa tutudu e potang motse, e sikang le lerako, mme banna bohle ba leng ho Joabe ba phunya lerako ba tle ba le heletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ha Sheba a le Abele-Bete-Maaka, balatedi ba Joabe ba mo etsetsa thibella. Ba tshela mobu, wa etsa qubu pela lerako la motse. Ba thuthuka lerako leo hore ba le dihe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:15
11 Referencias Cruzadas  

Sheba eo a nna a ya le meloko yohle ya Iseraele, ho ya fihla Abele-Bethe-Maaka. Bahale bohle ba phutheha, ba mo latela.


Ben-Hadade a utlwa morena Asa; a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele; a kena Ijone, Dane, Abele-Bethe-Maaka, le naha yohle ya Kinnerothe, le naha yohle ya Nefthali.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, leha e le ho phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.


Ke bone motsana o se nang batho ba bangata, ha o ne o futuhelwa ke morena e moholo; a o thibella, a o dikadiketsa ka dikantshi tse kgolo;


Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, a ke ke a phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa matlo a motse le bakeng sa matlo a marena a Juda, a tlang ho qhaqhwa ka ditutudu le ka dibetsa:


Hobane Jehova wa makgotla o re: Remang difate, le tsosetse Jerusalema tutudu; ke oo motse o tshwanetseng ho kgalemelwa; kahare ho wona ho tletse botubo.


o be o o thibelle, o o hahele lerako le o teelang hare, o o etsetse sefika, o o hlomele diahelo, o be o bee dipheleu, o o teele hare ka tsona.


Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos