Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 19:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Joabe o ya ho morena tlung, a re: Kajeno o hlabisitse difahleho tsa bahlanka ba hao bohle dihlong, athe ba pholositse ho phela ha hao kajeno, le ho phela ha bara ba hao, le ho phela ha baradi ba hao, le ho phela ha basadi ba hao, le ho phela ha direthe tsa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jwale Joabe a ya lapeng ho kgosi, a re: “Kajeno o tlontlolotse bahlanka bohle ba hao, ba o pholositseng, ba pholosa le bara ba hao, le baradi ba hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:5
9 Referencias Cruzadas  

Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.


Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!


O rata ba o hloileng, o hloile ba o ratang, etswe kajeno o bontshitse hobane ha o re letho ka balaodi le ka bahlanka ba hao; ke lemoha kajeno hobane, le hojane Absalome a pholohile, rona bohle re mpa re shwele kajeno, ho ka be ho lokile mahlong a hao.


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Ka baka leo, wa nna wa ba neela matsohong a dira tsa bona, tsa nna tsa ba tshwenya; mehleng ya matshwenyeho a bona, ba nnile ba howeletsa ho wena; wena, wa ba utlwa o le mahodimong, mme mehauhelong ya hao e mengata wa ba nea banamoledi ba ba namolelang matsohong a dira tsa bona.


Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos