Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:43
23 Referencias Cruzadas  

A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.


Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.


Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.


Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Ngwanabo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; diphapang tsa bona di ba jwaloka mekwallo e kwallang matlo a borena.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Empa ekare ha le lomana, mme le jana, iponeleng esebe la fedisana.


ke ho rapela medimo ya bohata, le boloi, ke hloyano, le dikomang, ke mona, le bohale, le dikgang, le diphapang, le dikgaohano;


Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, le ka ho honohelana.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.


hobane kgalefo ya motho ha e phethe ho loka ha Modimo.


Yaba banna ba Efraime ba re ho Gideone: O re etseditseng jwalo, ha o sa ka wa re mema, mohla o futuhelang Bamidiane? Mme ba mo tsekisa haholo.


Modimo wa romela moya o mobe mahareng a Abimeleke le beng ba Sikeme, beng ba Sikeme ba ba ba etsa Abimeleke ka lonya,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos