Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Setjhaba sohle sa tshela Jorodane, le kgosi ya tshela. Yaba kgosi e aka Barasilai, ya mo hlohonolofatsa, mme Barasilai a kgutlela ha habo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:39
18 Referencias Cruzadas  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


Hosasa Labane a tsoha, a aka bara ba hae le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa. Yaba Labane o tloha, a kgutlela ha habo.


A ba a aka banababo kaofela, a lla le bona; yaba banababo ba buisana le yena.


Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro.


Josefa a tlisa Jakobo, ntatae, a mmea pela Faro, mme Jakobo a hlohonolofatsa Faro.


Morena a re ho Absalome: Tjhe, mora ka, re ke ke ra ya kaofela, esebe ra o imetsa. Leha a ne a mo phehella, a hana ho ya; feela a mo hlohonolofatsa.


Yaba Joabe o tla ho morena, a mo phetela. Morena a bitsa Absalome; a tla ho morena, a inama fatshe ka sefahleho pela morena, mme morena a aka Absalome.


Morena a re: Kimhame re ke re tshele le yena, ke mo etsetse seo o se ratang; le wena ke tla o etsetsa eng le eng eo o ka e lakatsang.


Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.


Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!


Yaba Elisha o tlohela dipholo, a titimela ho Elia, a re: Ha nke ke ye ho aka ntate le mme, ke ntoo o latela. Yena a re: Eya, o be o boye; o bone ha ke o entseng?


Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae.


Simeone a ba hlohonolofatsa, a re ho Maria, mma ngwana: Bona, ngwana enwa o beetswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng, le ho ba pontsho e hanyetswang;


Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.


Dumedisang baena bohle ka kako e halalelang.


Ba boela ba phahamisa mantswe a bona, ba lla. Yaba Orpa o aka matsalae, Ruthe a mpa a mo kgomarela.


Ebile Davida o hlapanyetsa Saule, Saule a ntoo kgutlela hae, Davida yena le banna ba hae ba boela diqhobong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos