Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Mohlanka wa hao a mpe a kgutle, ke ye ke shwe motseng wa ka haufi le lebitla la ntate le la mme; bona, mohlanka wa hao Kimhame ke enwa, o tla tshela le morena, monga ka; o ke o mo etsetse seo o ka se ratang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Ke a o rapela: Ako dumelle mohlanka wa hao hore a kgutle, ke tle ke yo shwela motseng wa heso, pela lebitla la ntate le la mme. Mohlanka wa hao Kimehame ke enwa; ha e be yena ya tshelelang mose le monga ka, kgosi ya ka. Mo etsetse seo o bonang se le molemo.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:37
15 Referencias Cruzadas  

ke mpe ke phomole le bontate; o ntlose Egepeta, o ye ho mpata mabitleng a bona. A re: Ke tla etsa jwalokaha o boletse.


Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


Bara ba hae ba mo isa naheng ya Kanana, ba mo pata lehaheng la tshimo ya Makpela, leo Abrahama a neng a le rekile hammoho le tshimo, hore e be setsha sa hae sa mabitla, ho Efrone, Mohete, ka nqa botjhabela ho Mamre.


Mohlanka wa hao a ka mpa a tshela Jordane feela le morena, hobane ke haele hofe hoo morena a ka mputsetsang hona ka moputso o kalo na?


Morena a re: Kimhame re ke re tshele le yena, ke mo etsetse seo o se ratang; le wena ke tla o etsetsa eng le eng eo o ka e lakatsang.


Haele morena, a fetela Gilgale, le Kimhame a fetela pele le yena. Setjhaba kaofela sa Juda sa tshedisa morena, se ena le sekoto se seng sa setjhaba sa Iseraele.


o kgutlile, o bile o jele bohobe, o nwele metsi bakeng sena, seo lentswe le neng le itse ho wena: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi ho sona; ka baka leo, setopo sa hao se ke ke sa iswa lebitleng la bontatao.


Haele bana ba Barsillai wa Gileade, o ba etsetse ka lereko, ba dule le ba jang tafoleng ya hao; hobane ba tlile ho nna ka lereko, mohla ke balehelang ngwaneno Absalome.


le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;


mme ba tsamaya, ba ya dula tlung ya phapohelo ya Kimhame, maloka le Bethlehema, ba tle ba ntoo ya Egepeta, ka baka la ho tshaba Bakalde,


Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.


Bonang, kajeno ke ya ka tsela ya lefatshe lohle. Le a itsebela pelong tsa lona bohle le meyeng ya lona bohle hobane ha ho ntho leha e le nngwe ya tsohle tse molemo tseo Jehova, Modimo wa lona, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle di etsahetse ho lona, ha ho e nngwe ya tsona e hlokahetseng.


ke tswe ke tseba hobane nako ya ka ya ho tloha kapele motlotlwaneng wona e se e le haufi, jwalokaha Morena wa rona Jesu Kreste a kile a ntsebisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos