Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Mohlanka wa hao a ka mpa a tshela Jordane feela le morena, hobane ke haele hofe hoo morena a ka mputsetsang hona ka moputso o kalo na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

36 Mohlanka wa hao o tla tshela Jorodane le kgosi, a e felehetse ho se hokae. Jwale kgosi e ka nnea moputso oo ka baka lefe?

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:36
5 Referencias Cruzadas  

Kajeno, ke na le dilemo tse mashome a robileng meno e le mmedi; nka tseba jwang ho kgetha se monate ho se babang na? Ana mohlanka wa hao o sa tseba ho utlwa seo ke se jang, leha e le seo ke se nwang na? Na ke sa tseba ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le tsa basadi na? Na mohlanka wa hao a ka nna a iketsa phahlo ho morena, monga ka, na?


Mohlanka wa hao a mpe a kgutle, ke ye ke shwe motseng wa ka haufi le lebitla la ntate le la mme; bona, mohlanka wa hao Kimhame ke enwa, o tla tshela le morena, monga ka; o ke o mo etsetse seo o ka se ratang.


Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.


O mpe o hopole Mmopi wa hao matsatsing a botjha ba hao, ho eso ho tle ditshiu tsa tlokotsi, ho eso ho fihle le dilemo tseo ka tsona o tla re: Ha ke sa kgahliswa ke tsona;


fanang, mme le tla fuwa; le tla felwa sefubeng ka tekanyo e kgolo, e hlohlilweng, e katilweng, e tsholohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka yona, le tla lekanngwa ka yona le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos