Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O bile o etselleditse mohlanka wa hao ho morena, monga ka, empa morena, mong a ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; etsa kamoo ho leng molemo kateng, mahlong a hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:27
12 Referencias Cruzadas  

Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Ke mohlanka wa hao, Joabe ya entseng mokgwa oo, hore taba eo e tsamaiswe ka mokgwa o mong. Haele monga ka, o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, ho tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.


Morena a re: Mora monga hao o kae na? Tsiba a re ho morena: Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ya Iseraele e tla busetsa mmuso wa ntate ho nna.


Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.


O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.


Kahoo, Mefiboshethe a dula Jerusalema, hobane o ne a ntse a eja dijo tafoleng ya morena; o ne a holofetse maoto.


Morena a re: Na ha ho sa le motho wa ntlo ya Saule, ke tle ke mo etse ka mohau wa Modimo na? Tsiba a re ho morena: Ho sa setse mora Jonathane, ya holofetseng maoto.


Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.


Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse wa habo hampe, ha a nyefole ngwanabo.


O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.


E mong le e mong a ke a itebele motswalleng wa hae, le se ke la tshepa le a mong wa habo lona, hobane e mong le e mong wa habo motho o ye a kgohlise, motswalle ka mong o ye a etselletse;


Akishe a fetola, a re ho Davida: Ke a tseba hobane o rateha ho nna jwaloka lengeloi la Modimo; leha ho le jwalo, marena a Bafilesta a boletse bakeng sa hao, ba itse, o se ke wa ya le rona ntweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos