2 Samuele 19:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)25 Yare ha a kgahlanyetsa morena, a sa tswa Jerusalema, morena a re ho yena: Ha o a ka wa tsamaya keng le nna, Mefiboshethe? Ver CapítuloBIBELE25 Yare ha a fihla ho tla kgahlanyetsa kgosi, a etswa Jerusalema, kgosi ya re ho yena: “Mefiboshete, ke ka baka lang o sa kang wa tsamaya le nna?” Ver Capítulo |
Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.