Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jwale Abishai, mora wa Seruya, a araba, a re: “Eka kgona Shimei a bolaelwe taba ena, hobane o ne a hlapaole motlotsuwa wa Morena!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:21
10 Referencias Cruzadas  

Kahoo Davida le banna ba hae ba ya pele ka tsela ya bona; Shimei yena a nna a ya le mothati wa thaba, malokana le Davida, a ya a ntse a rohakana, a mmetsa ka majwe, a thuntsha lerole.


Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.


Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.


Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


A re ho banna ba hae: Jehova a nkganele, ke se ke ka etsa taba e jwalo ho monga ka, motlotsuwa wa Jehova, ka isa letsoho la ka ho yena, etswe e le motlotsuwa wa Jehova.


Davida a re ho Abishai: O se ke wa mmolaya. Ke mang ya ka isang letsoho ho motlotsuwa wa Jehova, a hloka molato na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos