Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 19:14
8 Referencias Cruzadas  

Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.


Ebile morena o re ho Amasa: Mmemele banna ba Juda ka tshiu tse tharo, le wena o ke o be teng.


O nnamoletse le mohla diphapang tsa setjhaba sa ka. O mpolokile hore ke be hlooho ya ditjhaba. Setjhaba seo ke neng ke sa se tsebe, se a ntshebeletsa.


Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,


Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.


Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.


Yaba bana ba Iseraele bohle ba tswa, ho tloha Dane le ho isa Beerseba, le naheng ya Gileade, mme Baiseraele ba phuthehela Mitspe pela Jehova, jwaloka hoja ke motho a le mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos