Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 18:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Empa Joabe a re ho yena: “O ke ke wa isa ditaba kajeno; o tla di isa ka letsatsi le leng. Ha e le kajeno o ke ke wa di isa, hobane mora wa kgosi o shwele.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:20
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.


Yaba Joabe o re ho Kushi: Eya behela morena seo o se boneng. Kushi a inama pela Joabe, a ntoo matha.


Molebedi a eketsa a re: Ke batla ke re, ho matha ha wa pele ho tshwana le ho matha ha Akimaatse, mora Tsadoke. Morena a re: Ke motho ya molemo, o tlisa taba tse molemo.


Morena a re: Na mohlankana Absalome o sa pholohile na? Akimaatse a re: Ke bone moferefere o moholo, ha Joabe a roma mohlanka e mong wa morena, a nthoma le nna ke leng mohlanka wa hao, ke mpa ke sa ka ka tseba hore na ke wang?


Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!


Morena a laela Joabe le Abishai le Ittai, a re: Baballang mohlankana Absalome ka baka la ka. Le setjhaba sohle sa utlwa, ha morena a laela balaodi bohle ba ntwa bakeng sa Absalome.


Yaba Joabe o a tsebiswa, ha thwe: Bona, morena o a lla, o llela Absalome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos