Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Ahimase, mora wa Sadoke, a re ho Joabe: “Ere ke mathe, ke yo behela kgosi ditaba tse monate tsa hore Morena o e pheteditse ho dira tsa yona.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:19
15 Referencias Cruzadas  

Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.


Bona, ba na le bara ba bona ba babedi, Akimaatse mora Tsadoke, le Jonathane mora Abiathare. Le ke le nthomele ka bona taba tsohle tseo le tla di utlwa.


Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.


Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.


A mpa a re: Leha ho ka ba jwang le jwang, ke rata ho matha. Joabe a re ho yena: Matha. Ebile Akimaatse o matha ka tsela ya lehwatata la Jordane, a ba a feta Kushi.


Ha fihla Kushi. Kushi a re: Morena, monga ka, a thabele taba tseo ke tlang le tsona; efela kajeno lena, Jehova o o pheteleditse ho ba o kwenehetseng.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Tiisa pelo tsa bona, o sekehele tsebe tsa hao, o lokisetse kgutsana le mofutsana, hore motho a se hlole a hlahisa letsoso lefatsheng.


Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Hobane o emela taba tsa ka le tokelo tsa ka; o dutse teroneng ya hao, o le moahlodi ya lokileng.


Barongwa le manqosa ba teana le barongwa ba bang le manqosa a mang, ho ya tsebisa morena wa Babilona hobane motse wa hae o kenwe ka nqa tsohle;


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos