Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 15:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Morena a eketsa a re ho moprista Tsadoke: Na ha o utlwisise? Ipoelle hae ka kgotso, le Akimaatse mora hao, le Jonathane mora Abiathare, bara ba lona ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Kgosi ya boela ya re ho moprista Sadoke: “Na o re o senohe? Ke re o kgutlele motseng ka kgotso, wena le Ahimase, mora wa hao, le Jonathane, mora wa Abiatare; ke ho re lona le bara ba lona ba babedi.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:27
11 Referencias Cruzadas  

empa ha o ka boela hae, wa re ho Absalome: Oho, morena, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke bile mohlanka wa ntatao, ke be mohlanka wa hao jwale, moo o tla nketsetsa merero ya Akitofele ntho feela.


Bona, ba na le bara ba bona ba babedi, Akimaatse mora Tsadoke, le Jonathane mora Abiathare. Le ke le nthomele ka bona taba tsohle tseo le tla di utlwa.


Haele Jonathane le Akimaatse, ba ne ba eme Ene-Rogele. Morwetsana a ya, a ba bolella hore ba ye, ba tsebise morena Davida. Hobane ba ne ba tshaba ho bonwa ha ba kena motseng.


Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.


Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,


A re a sa bua, a bona Jonathane, mora moprista Abiathare, a etla. Adonija a mmolella, a re: Kena hobane o monna ya matla, o tlisa ditaba tse monate.


le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone.


Bao kaofela ke bara ba Hemane, seboni sa morena se senolang mantswe a Modimo, le ho rorisa matla a wona. Modimo o ne o neile Hemane bara ba leshome le metso e mene le baradi ba bararo.


Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Akimaatse,


Eo a mpa a re ho Saule: Bona hle, monna wa Modimo o teng motseng wane; ke monna ya hlomphuwang; tsohle tseo a di buang di ye di etsahale; a re ye teng jwale; ekaba o tla re bolella tsela ya rona eo re ka tsamayang ka yona.


[Haele pele, mokgwa Iseraeleng e be e le hore, motho ha a ya botsa Modimo, o ne a re: Tloong, re yeng senoheng; etswe eo kajeno ho thweng ke moporofeta, a ne a bitswa senohe mehleng ya kgale.]


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos