Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 14:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Enere ha a kuta hlooho ya hae, — o ne a ikuta ho feleng ha lemo se seng le se seng, hobane moriri o ne o mo imela, a nna a o kuta ke hona, — boima ba moriri wa hlooho ya hae e be e le ba dishekele tse makgolo a mabedi, ka tekanyo ya morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha a qeta ho kuta moriri wa hae, o ne a ye a o bee sekaleng, mme o etse boima bo ka bang dikilo tse pedi tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ke mmuso. O ne a ye a o kute qetellong ya selemo, o se o entse sehlothohadi, o mo imela.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:26
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.


Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.


Bakeng sa monko o monate e tla ba sebodu, bakeng sa senyepa e be lerapo; bakeng sa mangetse a forilweng e tla ba mafatla, bakeng sa masatshana a basadi e be lesela le mahwashe, bakeng sa botle e be sefahleho se tjhesitsweng ka letshwao.


Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, le hona ba se ke ba hodisa moriri wa bona; ba mpe ba ikute dihlooho.


Le be le sekala se lokileng, le boima bo lokileng, le efa e lokileng, le hine e lokileng. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta.


Ha ke re, le tsona dipelo tsa lona di a le ruta hoba monna ha a hodisa moriri wa hae, ke ntho e dihlong ho yena?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos