Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Morena a botsa mosadi, mme yena a mo phetela. Ebile morena o mo nea tona, a re: Eya, o busetse tsohle tsa hae ho yena le tsohle tse beilweng ke masimo a hae, haesale a tloha hae, ho fihlela la kajeno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ha kgosi e botsa mosadi eo, le yena a e bolella jwalo. Yaba kgosi e laela mohlanka e mong, e re ho yena: “Mmuseletse tsohle tseo e neng e le tsa hae, le tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae, ho qala mohla a neng a tloha naheng ena, ho fihlela jwale.”

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 8:6
10 Referencias Cruzadas  

Bamidiane ba mo rekisa Egepeta ho Potifaro, tona ya Faro, hlooho ya balebedi.


Davida a re ho yena: Se tshabe, hobane ke fela ke tla o etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntatao, ke busetse ho wena le masimo wohle a ntatao Saule; wena, o tla nne o je dijo tafoleng ya ka kamehla.


Yare a sa phetela morena kamoo a neng a tsositse mofu kateng, ha hlaha mosadi eo mora hae a tsositsweng, a tla rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae. Gehasi a re: Oho, morena, monga ka, ke yena enwa mosadi le mora hae, eo Elisha a mo tsositseng.


Yaba Elisha o ikela Damaseka. Ben-Hadade, morena wa Siria, o ne a kula, mme a bolellwa, ha thwe: Monna wa Modimo o tlile kwano.


Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


Ekare ha ngwaneno a sa aha haufi le wena, mohlomong o sa mo tsebe, o di tlise hae, di dule ho wena, ngwaneno a be a tle ho di batla, e be moo o di busetsang ho yena.


Morena wa bana ba Ammone a re ho manqosa a Jafeta: Ke kahobane Baiseraele ba nkile naha ya ka, ho tloha Arnone ho ya fihla Jabboke le Jordane, mohla ba nyolohang Egepeta; e busetse ho nna jwale ka kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos