Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha dilemo tse supileng di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesta, a ya rapela morena ka baka la ntlo ya hae le la masimo a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ha dilemo tse supileng di se di fetile, mosadi eo a kgutla naheng ya Bafilesita. A ya ipeha ho kgosi, hore a buseletswe ntlo ya hae le tshimo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 8:3
10 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!


Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.


Morena wa Iseraele, ha a tsamaya hodima lerako, mosadi a howeletsa ho yena, a re: Mpholose, morena, monga ka.


Mosadi a tloha, a etsa ka polelo ya monna wa Modimo, a ikela le ba ntlo ya hae, a jaka naheng ya Bafilesta ka dilemo tse supileng.


Morena o ne a buisana le Gehasi, mohlanka wa monna wa Modimo, a re ho yena: Ako mphetele tsohle tse kgolo tse entsweng ke Elisha.


Morena a botsa mosadi, mme yena a mo phetela. Ebile morena o mo nea tona, a re: Eya, o busetse tsohle tsa hae ho yena le tsohle tse beilweng ke masimo a hae, haesale a tloha hae, ho fihlela la kajeno.


O ne a ahlolela mofumanehi le mofutsana, o ne a ena le kgotso ke hona. Na hoo hase ho ntseba na, ho bolela Jehova?


A tloha moo a neng a le teng, a ena le dingwetsi tsa hae tse pedi, mme ba ikela ka tsela e boelang naheng ya Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos