Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba ba bolellana, ba re: Ha re etse hantle; letsatsi lena ke tsatsi la thabo, re mpa re kgutsitse; ha re dieha e ba e eba hosasa, kotlo e nngwe e tla re hlahela; ha re tloheng hle, re ye, re tsebise ba ntlo ya morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Yaba ba a buisana, ba re: “Kwana ha re etse hantle. Letsatsi lena ke letsatsi la ditaba tse monate, empa ha re eso bolelle motho. Haeba re ka dieha ho bolela, bosiu ba ba ba esa, re tla hlahelwa ke tsietsi. Ka baka lena, a re yeng, re yo bolella ba lelapa la kgosi.”

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 7:9
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Naamane o ya tsebisa monga hae, a re: Morwetsana wa fatshe la Iseraele o buile ka hore le hore.


Ba ya, ba memetsa balebedi ba kgoro ya motse, ba re: Re be re ile diahelong tsa Basiria; ra fumana ho se motho teng, ho se lentswe la motho, empa e le dipere tse holehilweng, le diesele tse holehilweng, le ditente jwalokaha di be di dutse.


Ha bo ho le banna ba balepera ba le bane pela kgoro ya motse; ba bolellana, ba re: Na re tla dula moo, re be re shwe na?


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Balepera bao ha ba fihla qalong ya diahelo, ba kena tenteng e nngwe, ba eja, ba enwa, ba nka teng silefera le kgauta le diaparo, ba ya di pata; ba boya, ba kena tenteng e nngwe, ba nka tsa teng, ba ya di pata.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


Ke nna wa pele ke itseng ho Sione: Bona, bona, ke tsena; ke neile Jerusalema lenqosa la taba tse molemo.


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.


Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;


E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios