Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 7:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Elisha a re: Utlwang lentswe la Jehova: Jehova o re: Hosasane, ha ho le jwale, tekanyo ya phofo e ntle e tla reka shelele e le nngwe, mme tekanyo tse pedi tsa harese di tla reka shelele e le nngwe, kgorong ya Samaria.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Yaba Elisha o re: “Mamela mantswe a Morena! O bua tjena: ‘Hosasane, ka yona nako ena, mono kgorong ya motse wa Samaria, dikilo tse tharo tse phofo e thumisehileng ya koro, di tla be di rekiswa tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong, le dikilo tse tsheletseng tsa phofo ya harese di rekiswe tjhelete ya silefera e etsang boima ba dikeramo tse leshome le motso o mong.’ ”

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 7:1
19 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Mamela polelo ya Jehova ke hona; Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme pela hae ka ho le letona le ho le letshehadi.


Ebile Esaia o re ho Esekiase: Utlwa lentswe la Jehova:


Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.


Tlala e kgolo ya wela Samaria, hobane Basiria ba ne ba thibeletse haholo, hlooho ya esele ya ba ya rekwa ka shekele tse mashome a robileng meno e le mmedi tsa silefera, le karolo ya bone ya kabe ya merokolo ya maeba ya rekwa ka shekele tse hlano tsa silefera.


Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?


Setjhaba sa tswa, sa phahla diahelo tsa Basiria. Ya eba moo tekanyo e le nngwe ya phofo e ntle e rekang shekele e le nngwe, le tekanyo tse pedi tsa harese di rekang shekele, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: Se tshoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa yona kajeno, hobane Baegepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng.


Ke utlwile ho dumaduma ha bana ba Iseraele; ba bolelle, o re: Mantsiboya le tla ja nama, mme ha ho esa, le tla kgora bohobe, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke tla bea kgaohanyo dipakeng tsa setjhaba sa ka le sa setjhaba sa hao; pontsho ena e tla hlaha hosasane.


Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


A re ho nna: Porofetela masapo ao, o re ho wona: Oho, masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Jehova!


Moshanyana o teng mona, ya nang le mahobe a mahlano a harese, le dihlatswana tse pedi; empa hoo e ka ba eng, ha ba le bangata hakalo?


Joshua a ntoo re ho setjhaba: Itlhwekiseng, hobane Jehova o tla etsa dimakatso hara lona hosasa.


Mme ka utlwa lentswe mahareng a dipobuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala e le nngwe ya koro e rekwe ka denare, le kgala tse tharo tsa harese ka denare; empa o se ke wa senya ole le veine.


Ba re ho manqosa a tlileng: E reng ho batho ba Jabeshe-Gileade: Hosasane, motshehare o moholo, le tla namolelwa. Yaba manqosa a ya, a tsebisa banna ba Jabeshe; mme bona ba thaba.


Ebile Samuele o re ho Saule: Jehova o ne a nthome ho o tlotsa, hore o be morena wa setjhaba sa hae sa Iseraele. Jwale, mamela taba tsa molomo wa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios