Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 3:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka ntatae, leha e le jwaloka mmae; hobane a heletsa ditshwantsho tsa Baale, tse entsweng ke ntatae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 A etsa bobe mahlong a Morena, le hoja bo sa ka ba ba bokaalo ka ba ntatae le ba mmae. O ile a tlosa sefika sa Baale, seo ntatae a neng a se hlomme.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 3:2
14 Referencias Cruzadas  

A shwa ka baka la dibe tseo a sitilweng ka tsona, kamoo a kileng a etsa ho leng hobe kateng, mahlong a Jehova, a ya ka mehlala ya Jeroboame le ka sebe seo a sitilweng ka sona, a ba a sebisa le Baiseraele.


Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.


Ha ho a ka ha eba e mong ya ineetseng ho etsa hampe mahlong a Jehova jwaloka Akabe, a kgannilwe ke Jesebele, mosadi wa hae.


Yaba Jehu o bokella setjhaba sohle, a re ho sona: Akabe o sebeleditse Baale hanyenyane, Jehu yena o tla mo sebeletsa haholo.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse ntatae Manasse.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


A ntoo kena, a ja, a nwa; a ba a re: Nkang mosadi yane ya soto, le mo epele, hobane ke moradi wa morena.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


Ha o a ka wa utlwa lentswe la Jehova keng, ha o ile wa itihela kgapong, wa etsa bobe pela mahlo a Jehova?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos