Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 13:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Jowashe, mora wa Akasiya, kgosi ya Juda, Jehowakase, mora wa Jehu, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. A busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 13:1
10 Referencias Cruzadas  

Jehova a ntoo re ho Jehu: Erekaha o phethile hantle tse leng ntle mahlong a ka, wa etsa ka ntlo ya Akabe ka tsohle tse neng di le pelong ya ka, bara ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.


Joase o ne a le dilemo tse supileng, ha a qala ho busa.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.


Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.


Ke bahlanka ba hae, Josakare, mora Shimeathe, le Josabade, mora Shomere, ba mmolaileng; a shwa, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida; mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.


Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.


Akasia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa; a busa selemo se le seng Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Athalia, moradi wa Omri, morena wa Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos