Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 12:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jowashe o ne a qale ho busa ka selemo sa bosupa sa puso ya Jehu, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae ne e le Sebiya, eo hahabo e neng e le Beeresheba.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 12:1
9 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


Joase o ne a le dilemo tse supileng, ha a qala ho busa.


Joase a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka ditshiu tsohle tseo moprista Jehojada a mo eleditseng ka tsona;


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


mora wa hae ke Jorame, mora wa hae ke Akasia, mora wa wa hae ke Joase,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios