Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba morena o romela ho Elia molaodi wa banna ba mashome a mahlano, a ena le ba hae ba mashome a mahlano. A tla ho yena, a mmona a dutse hodima thaba, a re ho yena: Monna wa Modimo, morena o re, o theohe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Kgosi ya roma molaodi wa bahlabani ba mashome a mahlano le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano ho Elia. Molaodi eo a nyolohela ho Elia, mme a mo fumana a dutse tlhorong ya leralla. Molaodi a re ho yena: “Moporofeta wa Modimo, kgosi e o laela hore o theohe.”

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 1:9
22 Referencias Cruzadas  

Mmae a re ho Elia: Taba ya ka ke efe le wena, monna wa Modimo? Hleka o tlile ho nna ho nkgopotsa sebe sa ka le ho bolaya mora wa ka na?


Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Akabe a nyoloha ho ja le ho nwa, Elia yena a hlwella hodima Karmele; a inama fatshe, a bea sefahleho sa hae pakeng tsa mangole a hae.


Jesebele a romela lenqosa ho elia, a re: Medimo e nketse ka hore le ka hore, ha ke sa etse hosasa, ha ho le jwale, ka ho phela ha hao, jwalokaha o entse ka ho phela ha e mong le e mong wa bona.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


Jwale, a tloha teng, a ya thabeng ya Karmele, a ntoo boela Samaria.


A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.


Efela Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filippi moenae.


ba re: Kreste, o re porofetele: ya o otlileng ke mang?


Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!


Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba sisinya dihlooho tsa bona, ba re: Hela! wena ya qhaqhang tempele, ya e tsosang ka matsatsi a mararo,


Kreste, morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, re tle re bone, mme re dumele. Le ba thakgisitsweng le yena ba ne ba mo hlapaola.


Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?


Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.


Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos