2 Dikronike 7:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ver CapítuloBIBELE3 Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re: “Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Ver Capítulo |
ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.