Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Dikronike 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a iponahatsa ho Salomone ka bosiu, a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bile ke ikgethetse nqalo ena hore e be ntlo ya mahlabelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwale Morena a iponahatsa ho yena, bosiu, a re: “Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke ikgethetse sebaka sena hore e be Tempele eo ke tla etsetswa mahlabelo ho yona.

Ver Capítulo Copiar




2 Dikronike 7:12
17 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


Jehova a iponahatsa ho Salomone la bobedi, jwalokaha a ne a kile a iponahatsa ho yena Gibeone.


Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.


Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.


Bosiung boo, Modimo wa iponahatsa ho Salomone, wa re ho yena: Kopa seo ke tla o nea sona.


Etswe jwale ke kgethile, ke bile ke halaleditse ntlo ena, hore ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla, mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Jehova o utlwa merapelo ya ba tshwenyehang.


empa Modimo o nkutlwile, o mametse lentswe la thapelo ya ka.


Sehlabelo sa Juda le sa Jerusalema se tla kgahlisa Jehova, jwaloka mehleng ya kgale, le jwaloka mengwaheng ya boholoholo.


Empa lengeloi la re o yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utlwilwe, mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos