Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Dikronike 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hape a etsa letsha le tsholotsweng; le ne le le ditswe tse leshome ho nka morumong o mong ho tlisa morumong o mong; le ne le le letjhitja, botebo ba lona e le ditswe tse hlano, tekanyo ya botjhitja ba lona e le ditswe tse mashome a mararo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 A etsa le tanka e tjhitja ka tshepe e qhibidisitsweng. Boahlamo ba molomo wa yona e ne e ka ba dimethara tse nne le halofo, bophahamo e ka ba dimethara tse tharo. Bolelele ba ho potapota boahlamo ba yona bo ne bo etsa dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.

Ver Capítulo Copiar




2 Dikronike 4:2
10 Referencias Cruzadas  

Haele ditshiya tsa koporo tse ka tlung ya Jehova, le didulwana, le letsha la koporo le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di robaka dikoto, ba isa koporo ya tsona Babilona.


Hape, Davida a nka metseng ya Hadaresere, Thibhathe le Kune, koporo e ngata haholo, eo Salomone a kileng a etsa letsha la koporo le ditshiya le dipitsa tsa koporo ka yona.


Katlasa lona, ho ne ho le ditshwantsho tsa dikgomo tse teetseng letsha kahohle hare, di etsa mela e mmedi ya dikgomo, di tsholotswe hammoho le letsha.


Hape, ha etswa mesebetsi ya aletare, dipitsana tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa dibano; mesebetsi yohle ya yona ya etswa ka koporo.


Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios