A nna a etsa ka kelello, a qhalanyetsa bara ba hae bohle dinaheng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng yohle ya diqhobosheane, a ba nea dijo tse ngata, mme a ba batlela basadi ba bangata.
Ntata bona o ne a ba neile dimpho tse ngata tsa silefera le kgauta, le dintho tsa bohlokwa, hammoho le metse ya diqhobosheane naheng ya Juda; mmuso wona o ne a o neile Jorame, kahobane e ne e le yena wa letsibolo.
Ke ha makgotla a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema, le metse kaofela ya Juda e sa setseng, Lakishe, le Aseka, hobane e ne e sa setse ya metse ya Juda, e le metse ya diqhobosheane.