Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Dikronike 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Salomone, yena le phutheho yohle, ba ya nqalong e phahameng e Gibeone, moo tente ya pokano ya Modimo e neng e le teng, e neng e entswe ke Moshe, mohlanka wa Jehova, nahathothe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 A tsamaya le setjhaba sohle, a ya sebakeng sa borapedi se neng se le Gibeone, hobane Tente ya Modimo eo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a e etse ha a le lehwatateng, e ne e le hona moo Gibeone.

Ver Capítulo Copiar




2 Dikronike 1:3
12 Referencias Cruzadas  

ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.


Hape, a bea moprista Tsadoke, le baprista ba mofuta wa habo, pela tabernakele ya Jehova, nqalong e phahameng e leng Gibeone,


Motsotsong oo, tabernakele ya Jehova, e na beng e entswe ke Moshe nahathothe, le aletare ya ditjheso, di ne di le nqalong e phahameng ya Gibeone;


Yaba Salomone o tloha nqalong e phahameng e Gibeone, tenteng ya pokano, a kgutlela Jerusalema, mme a busa Iseraeleng.


Banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi, ba sebetsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera le sekarelata, le krimsone; a etswa a homilweng ka dikerubime, ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene;


Ka tsatsi la ho qala la kgwedi ya pele, o tle o hlome tabernakele ya tente ya pokano.


Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.


Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


Empa ba ahileng Gibeone, ha ba utlwa kamoo Joshua a entseng ka Jeriko le Ai kateng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos