2 Dikronike 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Salomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba dikete le ba makgolo le baahlodi, le babusisi le mahosana a Baiseraele bohle, le dihlooho tsa matlo a bontata bona. Ver CapítuloBIBELE2 Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona. Ver Capítulo |
Hara bara ba Eleasare ha fumanwa hobane mahosana a mangata ho fetisa hara bara ba Ithamare; ha ho le jwalo, ba arolwa ka mokgwa ona: ho bara ba Eleasare, ha balwa dihlooho tse leshome le metso e tsheletseng tsa matlo a bontata bona, le ho bara ba Ithamare, dihlooho tse robileng meno e le mmedi tsa matlo a bontata bona.
Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.