Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Bakorinthe 11:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ka hona hase mohlolo ha basebeletsi ba hae ba iketsa e ka ke basebeletsi ba ho loka. Bana he, qetello ya bona e tla tshwana le diketso tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Ka baka leo, hase ntho e kgolo ha basebeletsi ba hae le bona ba ikgakanya ka mokgwa wa basebeletsi ba ho loka; bao qetello ya bona e tlang ho ya ka mesebetsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ka baka leo, hase ntho e kgolo ha basebeletsi ba hae le bona ba ikgakanya ka mokgwa wa basebeletsi ba ho loka; bao qetello ya bona e tlang ho ya ka mesebetsi ya bona.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 11:15
30 Referencias Cruzadas  

Yaba bahlanka ba hae ba mo atamela, ba mmolella, ba re: Ntate, hojane moporofeta a o laetse ntho e kgolo, ha re re, o ka be o e entse na? Haholo ha a itse ho wena: Ya itlhatswa, o hlweke.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


o tlang ho nea e mong le e mong ka ho etsa ha hae:


Mme ha re etse keng bobe, botle bo tle bo hlahe? Kamoo re ntseng re etselletswa kateng, ke ba bang, ha ba bolela hore re rialo. Tsuo ya bao e lokile.


Ha re le jaletse tsa moya, e ka ba ntho e kgolo jwang ha re kotula tsa lona tsa nama na?


Hobane batho ba jwalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste.


Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;


Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!


Hobane ntwa ya rona ha e lwane le nama le madi, empa e lwana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e bolotsana e sebakeng sa lehodimo.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.


Sebata seo ke se boneng se ne se tshwana le lengau; maoto a sona a ne a le jwaloka maoto a bere, mme molomo wa sona o ne o le jwaloka molomo wa tau; mme drakone ya se fa matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo.


Mme di na le morena wa tsona, e leng lengeloi la sekoti; lebitso la hae ka Sebeheru, ke Abadone, ka Segerike le bitswa Apolione.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos