Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke o ngolla taba tseo, leha ke tshepile hobane ke tla phakisa ke tle ho wena;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ke o ngolla tsena ke ntse ke tshepile ho tla ho wena haufi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Tsena ke o ngolla tsona, ke tshepile ho tla ho wena haufinyane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Tsena ke o ngolla tsona, ke tshepile ho tla ho wena haufinyane.

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 3:14
11 Referencias Cruzadas  

Mme ekare ha e mong a lapile, a no ja hae, le tle le se ke la phuthehela tsuo. Haele ka tse ding, tsona ke tla di lokisa ha ke se ke fihlile.


Ka baka leo, re ratile ho tla ho lona, e le nna Pauluse; ke lekile hang, hape ka leka la bobedi; empa Satane o re thibetse.


Hobane ba sebeditseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.


hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle.


Hape, o ntokisetse ntlo; hobane ke tshepile hore ke tla le newa ka merapelo ya lona.


Tsebang hobane ngwanabo rona, Timothea, o lokolotswe; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le yena ho le bona.


Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe.


empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos