Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Timothea 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 o ntse o bolokile tumelo le letswalo le letle, leo ba bang ba le lahlileng, tumelo ya bona ya ba ya senyeha jwaloka sekepe ha se timela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 o be le tumelo le letswalo le kgutsitseng. Ba bang ha ba a ka ba mamela matswalo a bona, mme ba ile ba senyehelwa ke tumelo ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 O tshegeditse tumelo le letswalo le le molemo; eo ba bang ba e lahlileng ka baka la tumelo, ba soahlamaneng le sekepe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 O tshegeditse tumelo le letswalo le le molemo; eo ba bang ba e lahlileng ka baka la tumelo, ba soahlamaneng le sekepe;

Ver Capítulo Copiar




1 Timothea 1:19
25 Referencias Cruzadas  

Mme ke mang ho lona ya ka eketsang boemo ba hae ka setswe se le seng ka ho belaella teng?


hobane dikgaohano le tsona e ka kgona di be teng hara lona, hore ho tle ho bonahale bao e leng ba sebele hara lona.


Lona kaofela ba ratang ho bewa ba lokileng ka molao, le arohile ho Kreste, le wele mohaung.


Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tswang pelong e hlwekileng le letswalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso;


ba boloke sephiri sa tumelo ka letswalo le hlwekileng.


Lwana ntwa e ntle ya tumelo, o hape bophelo bo sa feleng, boo o bo bileditsweng, kamoo o seng o ipoletse kateng, ka bokgabane pela dipaki tse ngata.


eo ba bang, ka ho e dumela, ba kgelohileng tumelo ke hona. Mohau o be le wena! Amen!


Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.


ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.


mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.


ya tiyang thutong ya nnete jwalokaha e rutilwe, a tle a lokele le ho kgothatsa ka thuto ya pholoho, le ho hlola bahanyetsi.


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Hopola hle kamoo o filweng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake; hobane ha o sa lebele, ke tla tla ho wena ka mokgwa wa leshodu, mme o ke ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos