Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 31:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba bea dihlomo tsa hae tlung ya Ashtarothe, mme ba fanyeha setopo sa hae lerakong la Bethe-Shane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 31:10
7 Referencias Cruzadas  

Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Manasse yena ha a ka a leleka batho ba Bethe-Sheane le ba metse ya teng, leha e le ba Thaanake le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Dore le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Jibleame le ba metse ya teng, leha e le ba ahileng Meggido le ba metse ya teng; Bakanana ba mpa ba hanella naheng eo.


Ba furalla Jehova, mme ba sebeletsa Baale le boAshtarothe.


Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.


banna bohle ba matla ba tloha, ba nyenya le bosiu bohle, ba nka setopo sa Saule le ditopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-Shane, ba di tlisa Jabeshe, ba di tjhesa teng.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos